Tshehetso ya dikgwebo tse nyenyane nakong ya COVID-19

Dale Hes

TSIELEHO  le mathata a ditjhelete ao sewa sa lefatshe lohle sa kokwanahloko ya corona  se a belesang ho beng ba dikgwebo tse kgolo le tse nyenyane, e batla e fokoditswe ke ditshehetso tse ngata tsa makala a setjhaba le a poraefete.
Beng ba dikgwebo tse nyenyane le baitshokodi ke ba bang ba Maafrika Borwa a thefutsweng haholo ke ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebele-tso tseo e seng tsa ma-ntlha. Hore ba kgone ho feta nakong ena e thata, beng bana ba dikgwebo ba ka nka monyetla wa dithuso tse ngatanyana tsa bokenadipakeng tseo mmuso o fanang ka tso-na ho ba thusa.
Letlole la Kimollo ya Dikoloto tsa Dikgwebo tse Nyenyane le tse Kgolwanyane (di-SMME) Kamora tsebiso ena ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, hanghang Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane le ile la thea letlole la ki-mollo ya dikoloto bakeng sa dikgwebo tse nyenyane tse thefutsweng hampe ke sewa sena sa COVID-19 . Tjhelete e kahodimo ho R500 milione e ile ya bokellwa ka letlole lena, e leng tjhelete eo ba di-kgwebo tse nyenyane le tse kgolwanyane, ba lokelang ho etsa dikopo ka ho latela tsela ya inthaneteng hore ba e fumane. Ke tsena dikgato tse tshwanelang ho latelwa:1. Kgwebo ya hao e tlame-ha hore e be e ngodisitswe lenaneng la SMME South Africa . Haeba o e so ngodiswe, o lokela ho kena ho www.smmesa.gov.za bakeng sa ho

 ingodisa. 2. Hang ha ngodiso ya hao e se e phethilwe ka botlalo, o ka etsa kopo ya Letlole la Kimollo ya Dikoloto la COVID-19  SMME. O ka fumana foromo ya kopo websaeteng ya Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane. 3. Haeba o fihlella dipeelo tsohle tse batlehang (jwaloka hore kgwebo ya hao e lefa lekgetho ebile beng ba yona ka botlalo ke Maafrika Borwa), tjhelete ena ya kimollo e tla lefshwa ho bakopi ba ananetsweng ka nako ya matsatsi a 12 a tshebetso. Haeba o na le kgwebo e nyenyane, Akgente ya Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane e a fumane-ha ho o thusa ho etsa kopo lekaleng la kimollo ya dikoloto. Dikopo tsa thuso di tlameha ho romelwa ka imeile ho debtrelief@seda.org.za.
Letlole la TshehetsanoMopresidente Cyril Rama-phosa o boetse a phatla-latsa kgakolo ya Letlole la Tshehetsano, le fumaneng R150 milione ya ho tha-kgola mosebetsi mmusong. Letlole lena le dumella me-kgatlo le batho ka bomong ho nyehela matsholong ana a naha yohle a ho tshehetsa dikgwebo tse nyenyane esita le matsholong a ho arabela ho COVID-19 . Dibekeng tse pedi tsa pele tsa letlole lena, ho ile ha nyehelwa ka tjhelete e ka hodimo ho R2 bilione, e tla lebiswa matsholong ana a thuso.
Tshehetso ya dispazaMmuso o lemohile diphe-phetso tse qollehileng tseo sewa sena se di bakang ho bao ba sebetsang lekaleng lena la baitshokodi. Ntlheng ena, Letona la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane Khumbudzo Ntshavheni le yena o nanabeditse dipoke-llo tsa tshehetso bakeng sa batho ba sebetsang lekaleng lena.Hona ho kenyeletsa tsa-maiso ya tshehetso e tiileng bakeng sa dispaza .“Tshehetso ya dispaza  e tla akga marangrang a tiileng a dikgokahano, ma-tla a ho reka esita le a ho reka ka meqeqeko diholeseileng tse seng di kgethilwe di bile di ananetswe,” Letona le hlalosa jwalo.Tshehetso ena e tla boela e dumella di-spaza ho fuma-na thepa eo di ka e rekisang. Letona Ntshavheni o ile a eketsa ka hore tsamaiso ena e tla fana ka mokitlane ho beng ba dispaza , ho ba thusa ho fumana tjhelete e hlokehang hore ba reke thepa e rekiswang.“Hona ho tla latelwa ke monyetla wa mokitlane o tla thusa beng ba dispaza ho tswelapele ka ho reka esita le kamora ho feta ha sewa sena sa COVID-19 .”Lefapha le boetse le tla fana ka keletso ya kamoo ba ka tsamaisang dikgwebo tsa bona ka katleho ka teng. “Re boetse re ba tshehetsa ka botsamaisi ba kgwebo hobane re a tseba hore ho na le mathata a mabapi le tsamaiso ya dikgwebo e kenyang phaello ho dispaza .” Ntshavheni o rialo.
Ho thusa baitshokodiMmuso o boetse o sebe-tsana le ho thea thuso e tla fana ka kimollo ya lekeno ho baitshokodi ba ileng ba lahlehelwa ke lekeno ka lebaka la tlokotsi ena. Dikgwebo tsa baitshokodi le tsona di na le tokelo ya ho fumana thuso Letloleng la di-SMME la kimollo ya Dikoloto, empa le tsona di lebelletswe ho ingodisa le lefapha ka tsela e tshwanang le ya dikgwebo tse ding tse nyenyane.
