Thuso bakeng sa baahi ba habo rona ba tlokotsing

vukuzenzele unnamed

Dinaha tse ngata lefatsheng ka bophara di qobelletse ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebe-letso tseo e seng tsa mantlha, ka sepheo sa ho pholosa ma-phelo a baahi ba tsona. Le rona re entse jwalo naheng ena ya rona, empa ho kgina ha rona ha metsamao ya batho le ditshe-beletso tseo e seng tsa mantlha ho senotse diphoso tse bohloko haholo setjhabeng sa habo rona, tse utollang kamoo bofuma, ho se lekane le leqeme la mesebetsi di ruthuthang maphelo a baahi ba habo rona ka teng.
 Ha ho ntho e sithabetsang maikutlo ho feta ha bana ba lla ka tlala ho motswadi, empa yena a hloka dijo tseo a ka ba fepang tsona.Ha ho tlhokeho ya toka e kgolo ho feta eo ho yona ba bang se-tjhabeng ba phelang ka boiketlo mme ba hafa ka nkatana, ha ba bang ba hula ka falese ho iphe-disa ka bonyane boo ba nang le bona, kapa ba se na letholetho.
Ehlile, tsena ke ditlamorao tsa masalla a nako e fetileng e neng e le ya bohanyapetsi le ho se lekane. Empa hape ke letshwao la bohlokwa le bontshang ho hloleha ha setjhaba sa habo rona kamora ho fela ha puso ya kge-thollo. Ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara e le karabelo ho kokwa-nahloko ya corona , ho mpefadi-tse le ho feta mathata ana a neng a se a le teng ka nako e telele.
Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, re ile ra bona ditshwa-ntsho tse sithabetsang maikutlo tsa batho ba mathateng ha ba ne ba seohela diphuthelwana tsa dijo ditsing tsa nanabetso, ha-mmoho le boipelaetso ba setjha-ba kgahlanong le kgaello ya dijo.
Re ile ra boela ra utlwa ka diqoso tse sisimosang di bile di nyarosa. Diprovense tse ngata di fumane ditlaleho tsa hore batho ba kgopo, bao ba bang ba bona ho thweng ke bahlanka ba mmuso, ba a inyafela kapa ba rekisa diphuthelwana tsa dijo tse reretsweng bahloki le bafu-manehi, kapa ba di fetisetse ho metswalle le ba malapa a bona.Haeba ho ka fumanwa hore diqoso tsena ke nnete, re tla itoma o katlase ha re sebetsana le bao ba amehang.
 Ka ho tsebahatsa maemo a koduwa ya naha le ho kenngwa tshebetsong ha ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebe-letso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, re kene mothating o motjhatjha ho rona. Afrika Borwa ha e so ka e iphumana e tlameha ho sebetsana le maemo a toma hakana a tshohanyetso ya bophelo bo botle ba setjhaba.
Re ile ra tlameha ho phahame-la mapoqo e le hore re pholose maphelo. Ebile re tshwanela le ho ananela hore matsatsing le dibekeng tse ileng tsa latela, phano ya tshehetso baahing ba habo rona ba tlokotsing ka ho fetisisa e bile monyebe ho feta kamoo ho hlokehang ka teng, mme ho na le moo ho bileng le difanya teng.
 Leha ho le jwalo, ditefello tsa ditjhelete tsa dithuso tsa mmuso di batla di tsamaile hantle, mme kamora diqholotso tse ngata-nyana tsa setekgeniki, tsamaiso ya nanabetso ya dijo e ntse e tjhoriswa.
 Ho qobella ho kginwa ha me-tsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ka nako e kgutshwane naha ka bophara, ho bile le diqholotso tse ngata-nyana. Re ile ra lokela ho sekase-ka sekgahla sa karabelo ya naha le hore na ke dithibelo tse toma hakae tseo re tla tshwanela ho di qobella.
 Qetellong re ile ra kgetha hore re mpe re nke lehlakore la ho ipaballa. Jwaloka ha pehelo ya Lefapha la Bophelo bo Botle e sa tswa bontsha, ho qobella ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ka nako eo re ho entseng ka yona, ho fokoditse sekgahla sa tshwaetso mme ntho e leng ya bohlokwahlokwa, ke hore ho re file nako e ntle ya ho itokisetsa ho eketseha ha di-tshwaetso ho ka nnang ha etsa-hala dibekeng le dikgweding tse tlang.Re ile ra tshwanela ho e nkela hloohong mabapi le nako e tele-le le e kgutshwane taba ena ya thefuleho e tla ba teng moruong ona o seng o thekesela, esita le sefutho sa tshitiso ena maphe long a matle a dimilione tsa batho.
 Re ile ra tshwanela ho e nke-la hloohong taba ya hore ebe dibekeng tsena tsa ho ikwalla ka malapeng, ho tla bolela eng ho ba sebetsang empa ba sa amohele meputso ya bona ya kamehla, ho ba sa sebetseng ho hang le ba tso-mang mesebetsi, ho ba sebetsang mesebetsi ya nakwana kapa ya dihla tse itseng, ho ba lekala la baitshokodi, ho bahloki le bao ba tlokotsing.
 Kabinete e tla phethela me-kgwa ya ho arabela thefulehong ena ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, maphelong a batho ba habo rona. Sena se ile sa etellwa pele ke letoto la dipuisa-no hammoho le ba bangatanyana ba amehang, ho akga ba dikgwe-bo, bosebetsi, mekgatlo ya bodu-medi, setjhaba ka kakaretso esita le Lekgotla la Boeletsi ba Moruo la Moporesidente.
 Balekane ba kahisanong ba tlile le ditshisinyo tse ngata mabapi le bokenadipakeng bo ka thusang ho rarolla tlokotsi e renang ya ba kojwana di mahetleng, bao boholo ba bona bo tshepetseng dithusong tsa mmuso hore ba phele.
 Re tla ntlafatsa phano ya the-kolohelo nakong ena, e le ho thu-sa malapa a kollang ntsi hanong.
Leha ho kginwa hona ha me-tsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho ka emiswa, ditlamorao tsa teng di tla nne di tswelepele ho utlwahala ka nako e telele e tlang. Bao ba nang le lehlohonolo la hore ba na le lekeno le tsitsitseng ba tla kgona ho kgutlela mese-betsing ya bona; empa bakeng sa dimilione tse ding ena e tla ba kgwedi ya ho qetela moo ka mohlomong ho yona ba neng ba ka iphumanela mesebetsi ya nakwana, ba iketsetsa dikgwebo lekaleng la baitshokodi kapa ba boloke tjhelete eo ba e amohe-tseng e neng e tla ba thusa ka maikarabelo a malapa a bona.
 Tshehetso ya ho fana ka dijo ke tharollo ya nako e kgutshwane ya tshohanyetso. E tla tshwanela ho nyalanngwa le ditharollo tsa nako e telele tse thusang baahi ba habo rona ba tlokotsing ka ho fetisisa, hore ba lebahanye thebe le dinako tse boima tse ntseng di tla latela.
Ke batla ho leboha Mekgatlo e mengata eo e seng ya mmuso (di-NGO), mekgatlo ya bodumedi le baahi ka kakaretso ba nyehelang ka tjhelete le boithaopo ba ho thusa ho fepa bao maphako a bona a ubang esita le ba kojwana di mahetleng.
 Ho fedisa tlala ha se ketso ya thekolohelo. Ke tshwanelo bake ng sa setjhaba sefe kapa sefe se bopelletsweng ka tlhompho ya ditokelo tsa botho.
Re mothating oo kgotsofalo ya rona e ka bang masisapelo ntweng ena ya rona le sewa sena. Ke etsa kgoeletso ho e mong le e mong hore a dule a fadimehile, a tswelepele ho ikobela melawa-na, a ipoloke a bolokehile a be a boloke le ba bang ba bolokehile.
 Re le mmuso re tla dula re ntse re fana ka lesedi le mabapi le bokenadipakeng boo re bo etsang ka kotloloho ho sireletsa baahi ba bo rona ba tlokotsing ka ho fetisisa kgahlanong le sekoboto.
 Hara mathata a mang a ma-ngata ao batho ba habo rona ba tobaneng le wona motha-ting ona, taba ya ho ipotsa hore na ba tla fumana dijo tse ding hokae ha e a tshwanela ho ba enngwe ya dipotso tseo ba ipotsang tsona.