Ha re le mmoho re ka e hlola Covid-19

vukuzenzele unnamed

Nakong ya beke ya pele ya ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara e le mokgwa wa ho lwantsha sewa sa kokwanahloko ya corona  e tetebe-tsang lefatshe lohle, re ile ra ba motlotlo ka ditaba tse monate tse ileng tsa re tlisetsa thabo le tshepo nakong ena e boima, e hlokang botsitso. Maafrika Borwa a 114 a ileng a balehiswa Wuhan mane China dibekeng tse mmalwa tse fetileng a ile a phethela nako ya bona ya tshekeho mme a boelanngwa le ba malapa a bona. Diteko di bontshitse hore bohle ha ba na yona kokwanahloko ena ebile ba boemong bo botle ba bo-phelo le ba maikutlo. Ka dikgwedi tse ngata, ba ne ba kginetswe metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ba qadile ho kginwa ba sa le kwana Wuhan ka nako ya matsatsi a 51, ya nto ba a mang a 14 ha ba se ba le Polokwane. Ba ne ba sa kgone ho ba mmoho le baratuwa ba bona, ba sa kgone ho tswa dibakeng tsa bodulo tseo ba neng ba kwaletswe ho tsona, ba bile ba se na le bonnete ba hore na tshotleho eo ya bona e tla fela neng. Ha re balella le matsatsi a 17 a setseng ao ka ona ho tla beng ho ntse ho kginnwe metsamao le ditshe-beletso tseo e seng tsa mantlha Afrika Borwa, bona ba tla be ba kginetswe metsamao le ditshe-beletso tseo e seng tsa mantlha ka matsatsi a 82 ka kakaretso. Ho bile monate ho ba mmoho le sehlopha sena sa Maafrika Borwa a fapaneng, ka dilemo tsa bona tse fapaneng, le di-puo esita le moo ba holetseng teng. Ke ile ka kgahlwa ke mamello le sebete sa bona, esita le boikitlaetso ba bona ba ho dula ba shahlile. Ba tswa setsiketsing sa kokwana-hloko ena ya corona  Wuhan kwana China, mme ba bone masaakokometse ao kokwana hloko ena e a bakileng ma-phelong a batho. Ha ho maka-tse ke hona ho ba utlwa ba re ba letsholong la ho tshireletsa maphelo a bao ba phelang le bona. Jwale mamello ya bona le boitelo di putsitswe, hobane ba kgutlela ho ba malapa a bona.Ho kgutla ha bona ho kgona-haditswe ke batho ba bangata ba kgabane ba ileng ba itela ka hohlehohle, ho netefatsa hore tshebetso ena ya pusetso ya bona kwano lapeng e a atleha. Re le naha, re lebisa diteboho tse se nang moedi ho Mmuso le batho ba China ka tlhokomelo e ntle hakaalo eo ba e fileng baahi ba naha ya rona, esita le ka thuso ya bona ya ho hlo-phisa pusetso ya bona kwano lapeng. Ho bohlokwa ho tseba hore Maafrika Borwa a manga-tanyana a ne a ile Wuhan ka matlole a ho ithuta a tswang mmusong wa China; e leng ketso e mosa eo re e ananelang haholo. Re boela re leboha batho bohle ba neng ba kene kga-bong ya tshebetso ena, ho tloha ho basebetsi ba difofane tsa khamphani ya Difofane tsa Afrika Borwa (SAA) ho ya sehlopheng sa bongaka le mapolesa le masole, ba ba tlisitseng kwano lapeng. E mong le e mong wa bona o ile a itlhahisa kapele, e le ho nka boikarabelo bakeng sa poloke-ho le paballeho ya ba bang. Ba ne ba ikemiseditse ho kena letsholong le boima le bile le le kotsi hammoho le ho inehela ka bobona hore ba kgethelwe. Mme jwale, bohle ba mpolella hore ba se ba le malalaalaotswe bakeng sa letsholo la bona le latelang. Ke rata ho leboha basebetsi le batsamaisi ba Ranch Hotel ya Polokwane, ba ileng ba hlokomela baahi ba neng ba busetswa kwano lapeng ka bokgabane bo boholo. Ba ne ba ikemiseditse ho kenya letsoho matsapeng a rona a naha a ho hlola bohloko bona. E mong le e mong ya bileng le seabo tshebetsong ena o entse hore Afrika Borwa e be motlotlo. Malebela a Maafrika Bo-rwa kwana Wuhan a bontsha tshebetso e ntle esita le tlhoke-ho ya boemo ba ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha. Ke ka lebaka la dikgato tse matla tseo mmuso wa China o di nkileng toropong e kgolo ya Wuhan ho laola bohloko bona, moo batho ba habo rona bohle ba kgonneng ho kgutla ba sa tshwaetseha ba bile ba ntse ba phetse hantle. Wuhan, toropo e kgolo e nang le batho ba 11 milione pro-venseng ya Hubei, e ne e na le ditshwaetso tse fetang 50 000 . Jwale, kamora dikgwedi tse fetang tse pedi kamora ho kenngwa tshebetsong ho matla ha ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, provense e se e bile le ditshwaetso tse ntjha tse katlase ho 20 dibekeng tse pedi tse fetileng. Taolo ya bohloko bona Toro-pong ya Wuhan, Provenseng ya Hubei le dibakeng tse ding tsa China ka bophara, e ne e hloka matsapa a maholohadi a qollehileng. E ne e akga dithibelo tse matla maphelong a letsatsi le letsatsi mme e na le kgahlamelo e mpe moruong wa China.  Dinaha tse ding tse nkileng dikgato tse tshwanang le tseo di na le katleho e kgolokgolo taolong ya ho ata ha bohloko bona, ho feta di-naha tse ileng tsa sisitheha ho arabela koduweng ena.Jwaloka ha palo yohle ya ditshwaetso tsa COVID-19  tse netefaditsweng lefatshe ka bophara e ntse e hola ebile e feta 700 000, mme palo ya mafu e feta  33 000, ho na le dithuto tseo re ka ithutang tsona dina-heng tseo. Jwale ho totobetse hore mo-kgwa o sebetsang hantle ka ho fetisisa bakeng sa hore setjha-ba se laole ho ata ha bohloko bona, ke wa hore batho ba dule malapeng a bona mme ba itsheke ho ba bang ka dibeke tse mmalwa bonnyane. Ebile ho bohlokwa hore ho kginwa hona ha metsamao le ditshe-beletso tseo e seng tsa mantlha esita le mekgwa e meng yohle ya tshohanyetso, ho ikamaha-nngwe le yona kahohlehohle mme e phethahatswe kamehla. Jwaloka ha Maafrika Borwa a tswang Wuhan a ka paka, dithibelo tse jwalo maphelong a letsatsi le letsatsi, ka metsa-mao le ho kopana ha batho ho tlwaelehileng, di mamelleha ha boima. Boemong ba Afrika Borwa teng, ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho tlisa maima a eketsehileng le kgatello ya maikutlo, empa re etsa makgobonthithi ohle ao re ka a kgonang ho fokotsa the-fuleho bathong ba habo rona.
Empa seo re ithutileng sona ho Maafrika Borwa a tswang Wuhan ke hore ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ho a sebe tsa. Ke sesupo sa hore haeba re ka fela ra ikokobeletsa me-lawana e teng ya ho kgina ho ata ha kokwanahloko ena, re tla kgona ho fokotsa sekgahla sa ditshwaetso. Ho a bonahala hore haeba re ka sebedisana mmoho le ba apesitsweng matla ho tsa bophelo bo botle ho etsa seo re tshwanetseng ho se etsa, re tla be re sa boloke maphelo a rona feela, empa le a bao re phelang le bona.  Pale ya Maafrika Borwa a kgutlang Wuhan e tlameha ho re kgothatsa e be e re fe tshepo dibekeng tse boima tse tlang.  Pale ya bona e re bolella hore ho na le kganya e teng kapele, hore haeba re tsitlallela sepheo sa rona, re dula re itshwere hantle re bile re hlompha ho kginwa ha metsamao le ditshe-beletso tseo e seng tsa mantlha, hore haeba re sebetsa mmoho, re tla hlola. 