Vulekamali  e matlafatsa baahi ba Afrika Borwa  

More Matshediso

Ka potlako ya ho ko pelwa ha konopo, batho ba kgona ha bobebe ho utlwisisa dibajete tsa naha, re leboha tshebetso ya mehala ya inthanete e bitswang Vulekamali .
Kgoro ena e ne e thehwe dilemong tse pedi tse fetileng ke Bolaodi ba Ditjhelete tsa Naha ka kopanelo le mekgatlo e mengata ya setjhaba.
Projeke ena ya boitshimollelo e hapile kgau nakong ya Dikgau tsa Boitshimollelo tsa 2019 tsa Mokga wa 17 wa Setjhaba, ka tlasa mokgahlelo wa Innova tions Harnessing 4IR Solutions .
Molaodi wa Bolaodi ba Ditjhelete e leng Andile Best, ya eteletseng pele boikitlaetso ba kgoro ya Vulekamali , o itse sepheo se seholo sa bona ke ho eketsa thahasello ya setjhaba, ho ba le seabo le tsebo ya mana neo a mmuso a ditjhelete.
O ile a hlalosa hore: “Bona ke boitlamo ba Bolaodi ba Ditjhelete ho ba le ponaletso e kgolwanyane mabapi le ditjhelete tsa setjhaba.  Dintlha tsa tjhelete di se di ntse di phatlaladitswe webosaeteng ya Bolaodi ba Ditjhelete, empa kgoro e na le dintlha tse fuma nehang habobebe ka mokgwa o ka sebediswang habobebe, e le ho dumella dipuisano tse atlehileng tsa phano ya dintlha, tshekatsheko ya tsona esita le diphuputso.”Ho ya ka Best, Vulekamali e tshehetsa seabo sa setjhaba ka kakaretso tshebetsong tsohle tsa bajete mme e dumella baahi ho ba le dipuisano tse tshwanelehang mabapi le maano a mmuso.
Best o ile a re: Ha re kopa setjhaba ho ba le seabo tshe betsong ya bajete mme ho bonahala hore ha ba na tsebo, ba ke ke ba hlahisa ditshisinyo tse nang le boleng kapa tse molemo. Tabeng ya bobedi, re batla hore setjhaba se tsebe kamoo mmuso o sebedisang tjhelete ho tswa mokotleng wa setjhaba ka teng.” Ha re tea ka mohlala, mekgatlo ya setjhaba se tswetseng pele hangata e batla ho tseba kamoo mmuso o fanang ka ditshebeletso ka teng, kamoo ditshebeletso di amanang le bajete ka teng le hore na mmu so wa naha, wa provense kapa wa lehae o na le boikarabelo bakeng sa ditshebeletso tse ikgethileng.
Best o itse hara baamehi ba amehang ka hara projeke ho na le Lefapha la Moralo, Teko lo le Tlhahlobo ya Tshebetso (DPME); kopano ya setjhaba se tswetseng pele Imali Yethu ; Boikitlaetso ba Lefatshe le Setsi sa Mmuso sa Boeletsi ba Setekgeniki.
O boletse hore boemong bofe kapa bofe ba ho etsa diqeto le popehong ka nngwe ya mmu so, ho na le boemedi ba mmuso le setjhaba se tswetseng pele.
Ha a bua lebitsong la mekgatlo e amehang ya setjhaba se tswetseng pele, Zukiswa Kota, hlooho ya Lenaneo la Tekolo le Boemedi ho Molekodi wa Boikarabelo ba Tshebeletso ya Setjhaba le mohokahanyi ya eteletseng pele wa  Imali Yethu , o itse ditshebetso tsa boikarabe lo ba bajete ke tsa boikarabelo bakeng sa demokrasi. Sepheo sa ho qetela ke ho tshwaetsa tlhahiso e betere ya tshebeletso.
“Bakeng sa rona, phihlello ya dintlha tse potlakileng e bolela hore ha se kamehla moo o fumanang setjhaba se halefile ebile se sa hlokomele ditshebetso tsa bajete, o ile a rialo a bile a eketsa ka hore ba na le kutlwisiso e betere ya bohlokwa bo tshwanelehang bakeng sa ho hlahisa maikutlo ka dibajete mme ba tseba hore ba lokela ho buisana le mang mabapi le mesarelo ya bona .