Tshehetso ya mokudi e molemo bakeng sa ho fedisa TB

Dale Hes

Projeke ya Afrika Borwa ya Lefuba ( TB) eo e sebetsang ho yona mmoho le Bosebeletsi ba Dinaha tse Kopaneng bakeng sa Ntshetsopele ya Matjhaba (USAID) e ipaka hore ke mohlala o nepahetseng wa kamoo mmuso, ditjha ba le Mekgatlo eo eseng ya Mmuso (di-NGO) ba ka ko panang hammoho ho fedisa TB ka ho fana ka tshehetso e tshwanelehang ho bakudi .
Afrika Borwa ke yona e boemong bo ka pele ho etella pele twantsho ya TB ka lefatsheng lohle, esita le USAID  le bona bo kene ho fana ka tshehetso.
Projeke ena ya dilemo tse hlano, e qadileng ka selemo sa 2016, e etswa ka kopane lo le Lefapha la Naha la tsa Bophelo diprovenseng tse robedi tsa Afrika Borwa.
E nngwe ya dikarolo tsa bohlokwa tsa projeke ena ke ho tshehetsa di-NGO tse teng setjhabeng. Projeke ena e fana ka tshehetso ya ditjhelete ho di-NGO tse 21 tse thusang bakudi ba fetang 3 500, bongata bo phela dibakeng tsa mahaeng.
Mosamaria Provenseng ya FreistataMosamaria ke e nngwe ya di-NGO tse fumanwang Mangaung tse fumaneng tshe hetso ya ditjhelete tse tswang projekeng ena. Mokgatlo o na le sehlopha sa basebeletsi ba setjhaba ba bophelo bo botle, molaodi wa projeke esita le mmoloki wa dintlha tsa bohle ba sebeletsang ho etsa bonnete ba hore bakudi ba dula ba sebedisa pheko e le hore ba fole nakong ya dikgwedi tse tsheletseng.
Mohokahanyi wa Mosama ria e leng Trudie Harrison o re: “Re hirile bahlokomedi ba 74 bakeng sa projeke ena.  Qalong re sebeditse le baku di ba 200, hamorao bakudi ba 400, ka hara kontraka ya jwale re na le bakudi ba 500 bao re sebetsang le bona ka letsatsi le letsatsi. Bakudi ba fetisetswa ho rona ha ba se ba lekotswe mme ho tiisitswe hore ba na le tshwaetso ya TB ditleliniking tse robong tsa Masepalamoholo wa Mangaung”.
Mosamaria e etsa matsho lo a ho kena ntlo le ntlo ho fumana bakudi ba batjha ba TB le ho ba kenyeletsa phe kolong ena ka potlako.
Harrison o re mosebetsi wa Mosamaria o fokoditse sekgobo se mabapi le TB, o theile dikamano tse tiileng le setjhaba o bile wa lebisa ho ditekanyetso tse betere tsa phekolo e atlehileng.
Harrison o re: “Ha re tea ka mohlala, selemong sa 2018 re bile le bakudi ba 514 ba ileng ba fodiswa”.
Harrison o pheta pale ya e mong wa bakudi ba Mosa maria. O ile a tshehetswa ka letsatsi le letsatsi ke mo hlokomedi wa Mosamaria, ya ileng a etsa bonnete ba hore o nwa dipidisi tsa hae ka letsatsi le letsatsi, a bile a mo thusa ka phofo le diaparo tse ntjha.
Harrison o re: “O ile a sebedisa pheko yohle mme a fola. O ile a kgutlela mose betsing ka lebaka la hobane ramosebetsi a mmoloketse mosebetsi wa hae”.
Tseba matshwao a TB  Haeba o na le a mang a matshwao ana a latelang, o lokela ho etela tleliniki ya heno e haufi kapa sepetlele bakeng sa ho etsa diteko tsa TB:
• Ho kgohlela sebaka sa dibeke tse tharo kapa ho feta moo; 
• Ho tswa madi ha o kgohle la; 
• Mahlaba ka sefubeng, kapa ho utlwa bohloko ha o phefumoloha kapa o kgohlela; 
• Ho fokollwa ke boima ba mmele o sa ikemisetsa; 
• Mokgathala; 
• Feberu/mokgohlane.  

BOPHELO BO BOTLEBakeng sa dintlha tse ding tse ngatanyana mabapi le Projeke ya Afrika Borwa le USAID ka TB, letsetsa:012 484 9300.



