Ha re tshwaraneng ka matsoho mme re lokise ditjhelete tsa rona

vukuzenzele unnamed

Bajete e tekilweng ke Letona la tsa Ditjhelete Tito Mboweni e bontsha tshekatsheko e hlokolotsi ya boemo ba moruo wa rona.
Manane a talola hore haeba re sa nke dikgato tsa ho fetola mawala hona jwale, pele kwa na ho tla ba le maima a toma le ho feta.
Ka mantswe a mang, re sebe disa tjhelete e ngata ho feta eo re e amohelang.
Kahoo, re kadima le ho feta, mme ditjeo tsa ho lefa sekoloto seo di hlwa mekwalaba.
Hantlentle, ditjeo tsa ho pa tala sekoloto jwale ke tsona tse etsang karolo e holang ka potlako e kgolo tshebedisong ya tjhelete. Re sebedisa tjhelete e ngata haholo ho pataleng dikoloto, ho feta kamoo re e sebedisetsang tsa bophelo bo botle; ke mafapha a thuto le ntshetsopele ya setjhaba fela a tholang tjhelete e ka hodimo nyana.
Boemo bona bo kotsinyana ebile bo ke ke ba tshwarella haleletsana.
Re tlameha ho etsa diphetoho tse bonahalang, mme re tlame ha ho di etsa hona jwale.
Ho na le mabaka a manga tanyana a entseng hore re be boemong boo re leng ho bona hona jwale. Moruo wa rona ha o a hola hakaalo nakong ya dilemo tse leshome tse fetileng, haholoholo ka lebaka la koduwa ya tsa ditjhelete lefatsheng lohle ya 2008 esita le ho nyotobelo ha tlhokahalo ya dirafshwa tsa diyantle.
Kahoo, pokello ya lekgetho e ile ya fokola haholo mme re ile ra tlameha ho kadima haho lwanyane e le ho tsitsisa maemo tshebedisong ya tjhelete ntshe tsopeleng, meralong ya motheo le meputsong ya basebetsi. Ka yona nako eo, tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso esita le bonyofonyofo di amme puso, makgabane a ditshebetso le botsitso ba tsa ditjhelete ba nako e telele ditheong tse nga tanyana tsa setjhaba, ho akga le dikgwebong tsa mmuso (di-SOE).
Matsapa a ho tsosolosa moruo le ho aha botjha ditheo nakong ya dilemo tse pedi tse fetileng, a hatiketswe ke ko duwa ya motlakase, e leng ntho e sithabetsang kgolo le ho feta, ebile e eketsa morwalo o boima ditjheleteng tsa setjhaba.
Kahoo, lethathama la rona le ka sehloohong bajeteng ena ke ho busetsa moruo motjheng wa kgolo, ho kgina tshebediso ya ditjhelete tsa setjhaba esita le ho tsitsisa maemo a dikoloto tsa rona.
Bajete ena ke karolo ya bohlokwa ya tjantjello ya rona ya kgolo e kenyeletsang bohle, tlhahiso ya mesebetsi, botsete di esita le mmuso o nang le bokgoni.
Re nkile qeto ya kabomo ya hore re se ke ra hahamalla motjheng wa ho tiisa letsoho.
Motjha o jwalo o ne o tla ba le phokotso e kgolo tshebedisong ya tjhelete ditshebeletsong tsa setjhaba tseo bahloki ba tshepetseng ho tsona. O ne o tla tsamaisana le phokotso e mpe ya meputso ya basebetsi ba mmuso, boholo ba tshebe letso ya setjhaba, ho pukutla dibonase le dipenshene, ho nyolla lekgetho esita le ho re kisa dithepa tsa bohlokwa tsa mmuso.
Bajete e pukutlilweng ditsiane e ne e tla ruthutha menyetla ya kgolo ya rona le ho feta, ebile e ne e tla tsheremisa bokgoni ba mmuso ba ho tsosolosa diketsahalo tsa moruo esita le ho fihlella ditlhoko tsa batho.
Re tekile bajete e nang le lethathama la mekgwa e  tsitsitseng ebile e le e nke tsweng hloohong ka bokga bane ho kgina tshebediso ya tjhelete, ho eketsa tjhelete ya pokello ya lekgetho esita le ho kgothaletsa kgolo.
Nakong ya dilemo tse tharo tse tlang, re lebelletse ho fihle lla poloko ya tjhelete e ka etsang R261 bilione ka ho pukutla dibajete tsa ma fapha a mangatanyana, esita le ho fokotsa sekgahla seo  meputso ya basebetsi ba mmu so e nyolohang ka sona.
Ka yona nako eo, leha ho le jwalo, re tla tlameha ho sebe disa tjhelete e ngata le ho feta ho tshehetsa tlhophobotjha ya di-SOE tse kang Eskom le Tshe beletso ya Difofane ya Aforika Borwa (SAA). Kahoo, re lebe lletse palo yohle ya phokotso ya R156 bilione tshebedisong ya ditjhelete e se nang phaello nakong e bohareng.
Sena se tla thusa ho notla sekoloto le ho fokotsa ditlhoko tsa rona tsa ho kadima.
Karolo e kgolo ya dipoloko e tla hlaha phokotsong ya se kgahla seo meputso ya base betsi se holang ka sona. Sena se tla hloka dipuisano tse tsepameng balekaneng bohle ba setjhaba, empa haholoholo ba mekgatlong ya basebetsi e lekaleng la setjhaba. Dipuisano tsena di tlameha ho tsama iswa ka moya o tsetselelang ditharollo. Ke kgothatswa ke thahasello ya mekgatlo yohle, hore e kene ditherisanong tsa makgonthe tse reretsweng ho tla le tharollo.
Mothati oo re o latelang ha se wa ho fokotsa boholo ba tshebeletso ya setjhaba, empa ke wa ho hlahlobisisa sekgahla seo meputso ya basebetsi e nyolohang ka sona. Meputso ya tshebeletsong ya setjhaba e nyolohile ka sekgahla se kahodimo ho sa infleishene ka dilemo tse ngata, mme re tlameha ho lokisa ntho ena haeba re batla ho bea ditjhelete tsa rona taolong. Sena se boela  se sebetsa tsamaisong ya ditjhe lete tsa batho ka bomong, moo e bang haeba theko ya ntho efe kapa efe e nyoloha ka sekgahla se kahodimo ho sa infleishene – e ka ba sekepele sa motlakase, ditefello tsa difonofono tse kang tsa metsotso le tsa data kapa tsa dijo – se tla dula se ntse se thefula se bile se tshwephola bajete le ditjhelete tsa motho ofe kapa ofe ka bomong.
Meputso ya setjhaba e dula e le yona karolo e kgolohadi ya tshebediso ya tjhelete ho ya ka manollo ya moruo. Kgolo e meputsong ya basebetsi e se e qadile ho sitisa tshebediso ya tjhelete diprojekeng tsa  motheo, bakeng sa kgolo ya ka moso le dinthong tsa bohlokwa phanong ya ditshebeletso.
Meputso ya basebetsi tshe beletsong ya setjhaba ke sona feela sebaka seo ho sona jwang kapa jwang re tla fokotsa ditjeo. Ke nkile qeto ya hore monongwaha ho ke ke ha eba teng nyollelo meputsong ya bahlanka ba baholo ba kanto rong ya setjhaba. Sena se latela phokotso e dilopotsieng, ka  lebaka la diphetoho tse  Minis terial Handbook .
Monongwaha re tla phatlala tsa molao o motjha o lelekelang moralo wa meputso bakeng sa ditheo tsa setjhaba le dikgwe bo tsa mmuso, ho thibela ho lefshwa ha meputso e fetang tekanyo ya ditho tsa diboto esita le baphethahatsi.
Bomphato ba rona mekga tlong ya basebetsi ba nepile ha ba re re tshwanela ho fokotsa, ka mokgwa o bonahalang, ntho ya ho dutla ha ditjhelete tsa setjhaba ka hore re rarolle mathata a bonyofonyofo, re fedise tshenyo le tshebediso e mpe ya ditjhelete. Re tla di etsa tsena, le tse ding tse ngata.
Leha e le hore ho tsitsisa meputso ya basebetsi ba se tjhaba ho bohlokwa botsitsong ba ditjhelete tsa setjhaba, ho ntlafatsa tshebetso lekaleng la poraefete le hona ho bohlokwa haeba re batla ho aha mmuso o nang le bokgoni ebile e le o  sebetsang hantle. Re hloka ba tho ba bangata ba nepahetseng ba ditulong tse nepahetseng.
Jwaloka ha re kgina tshebedi so ya tjhelete ya setjhaba, ka ho le leng re hahamalla kgolongKe ka lebaka lena, ntle le se kgeo sa ditjhelete, ho seng dikeke tso tse kaalo tsa lekgetho. Ho  fapana le moo, ho na le kimo llonyana e teng bakeng sa balefi ba lekgetho ka bomong, esita le mekgwa e mengatanyana ya ho atolla motheo wa lekgetho la dikgwebo. Re boela re hahama lla pele ka ditlhabollo tsa nako e telele dinthong tse kang mo tlakase, madiboho le tsa diterene le tsa dikgokahano tsa mehala, e le ho fokotsa ditjeo tsa ho etsa kgwebo. Ka Letlole la Meralo ya Motheo, re habile ho bokella tjhelete e tswang lethathameng la mehlodi, ho tsetela lenaneong la tonanahadi la ho aha. Ka lewa la rona la diindasteri le tjantjello ya botsetedi, re katolla dikgoro tsa bohlokwa tsa kgolo.
Re tsitsisa ditjhelete tsa rona tsa setjhaba e le ho etsa kgonahalo ya kgolo e kenye letsang bohle esita le ho thea mesebetsi. Maemo a jwalo a re kgothaletsa hore re be le nnete, re se ke ra satalatsa melala. A re qosa hore re be le tshebedisa nommoho, e seng dikgohlano.
Ho tla tshwanela hore ho  etswe boitelo le dikananyetsa no.
Re mmoho nthong ena, ebile re na le boikarabelo bo ko panetsweng ba ho nka meqala, re salane morao ka morethetho o le mong mme re tataise naha ya rona hore e phunye letse maqhubung ana a lwebe hlang.