Etsa meralo  ya ditjhelete  e hlwahlwa 

Ngaka Rufaro Mucheka

Selemo se setjha ke monyetla wa ho qala botjha, ho theha merero e kgabane, ho tla ka ditlwaelo tse ntjha le ho lokisa ditlwaelo tse fetileng tsa ho sebedisa tjhelete ho netefatsa bokamoso bo hlwahlwa ba moshwelella. Maemo a moruo a selemo sa 2020 a shebahala eka a tla ba boima ho feta a selemo sa 2019, kahoo ho bohlokwa hore o shebe ditjhelete tsa hao ka thata le ka kelello e bulehileng. Ho fihlella boikemelo ba ditjhelete ke sepheo se tsotehang, empa ke feela batho ba mmalwa ba tsebang hore ba qala kae. Ho ba le ditlwaelo tse mmalwa ka tsa ditjhelete ho tla o thusa ho lokisetsa katleho ya hao selemong se setjha.Ho netefatsa hore o fihlella merero ya hao ya ditjhelete, o ka ithuela merero e SMART bakeng sa bokamoso bo tsitsitseng ho tsa ditjhelete. Sena se bolela ho teka merero e:
•  Tsitsitseng• Methehang• Fihlellehang •  Kgemang•  Behetsweng Nako Hodima moo, ho bohlokwa hore o etse meralo ya hao ya ditjhelete ka hloko. Maele ke ana a ka o thusang tseleng ya hao:Teka merero ya hao ya ditjhelete – Lekola boitshwaro ba hao ho tsa ditjhelete ba selemo sa 2019 mme o teke merero e metjha bakeng sa selemo sa 2020.Lefa dikoloto tsa hao – Sebedisa tjhelete ya masalla, dibonase kapa ya kekeletso ya mokgolo mabapi le ho tlosa dikoloto, kaha ho lefa dikoloto ka pele ho ka o bolokela tjhelete e ngata ya tswala.Lokisa ditekanyetso tsa hao ka tsela e hlokehang – Ha o ntse o behile leihlo hodima ditlwaelo tsa hao tsa ho sebedisa tjhelete, etsa ditokiso tse hlokehang ditekanyetsong tsa hao, eketsa dipolokeho tsa hao mme o fokotse ditshenyehelo. Haeba o thola kekeletso ya mokgolo, abela e nngwe dipolokelong ho e na le ho phahamisa tsela ya bophelo ya ditshenyehelo.Lekola dipholisi tsa inshorense botjha – Hlahloba inshorense ya bophelo ba hao, ya boitekanelo, ya boqhwala le ya nako e kgutshwane ho netefatsa hore ditefello di nyalana le ditlhoko tsa hao. Bua ka bolokolohi le molekane wa hao ka tjhelete – Balekane ba na le mokgwa wa ho patelana dintlha tsa ditjhelete.Tshwarang dikopano tsa kgwedi ka nngwe ho tshohla ditekanyetso, merero ya lona ya ditjhelete le seo bobedi le se batlang bakeng sa bokamoso.Nkang nako ya ho aha tjhebelopele e tshwanang ya hore le batla bokamoso ba lona mmoho e be bo jwang. Fokotsang ditekanyetso tsa boithabiso – Batlanang le dintho tsa mahala, tse kang diphaka, dilaeborari le dintho tseo le ka di etsang tulong ya lona. Ho na le tsela tse ngata tsa ho ithabisa ntle le ho sebedisa tjhelete.Maele a ho o thusa ho tsitlallela moralo wa haoHo tsitlallela moralong wa hao wa ditjhelete kamehla ha ho bonolo, feela rera ho:
• Dula o hlahloba diakhaonte tsa hao tsa banka – lekola ditshenyehelo tsa hao.• itokise o tsebe hore o ka kopana le mathata.• Phema dikoloto tse sa rerwang.• Reka ka bohlale. Ipotse: Na ka nnete sena ke a se hloka? Na sena ke karolo ya meralo ya ka ya ditjhelete? • Ikopanye le moeletsi wa ditjhelete haeba o sa tsebe hore na o ka qala kae.
 Ngaka Rufaro Mucheka (PhD) ke Seradi sa Ditjhelete se Ngodisitsweng le Hlooho ya Mawa ho Rest Of Africa ya Nedbank Financial Planning.




