BMW e ya kenella ntweng kgahlanong le GBV

vukuzenzele unnamed

BMW Group South Africa e fane ka dikoloi tsa BMW i3 tse tla sebediswa ke basebeletsi ba tlhokomelo ya badudi bakeng sa ho fihlella diphofu tsa tlhekefetso ya dikgoka e amang basadi le bana (GBV).
Dikoloi tsena di amohetswe ke Moporesidente Cyril Ramaphosa le Motjhanselara wa Jeremane Angela Merkel. Di fuwe Mokgatlo wa Dikgwebo tsa Aforika Borwa Mererong ya Boitekanelo le ya Phamokate (SABCOHA) bakeng sa ho di laola lebitsong la Komiti ya Tsamaiso ya Nakwana ya makala a mangata a tlhekefetso ya dikgoka e amang basadi le bana le dipolao tsa basadi (GBVF).Nyehelo ena ya sehlopha sena sa tlhahiso ya makoloi e bontsha semphato se ntseng se hola pakeng tsa mmuso le setjhaba ka kakaretso, se kenyeletsang lekala la dikgwebo le balekane ba matjhaba, ntweng e kgahlanong le GBVF.Boikitlaetso bona ke karolo ya Letlole la Diphethoho la Indaseteri ya Tlhahiso ya Makoloi (ya boleng ba  R6 bilione), le ileng la thehwa bakeng sa ho fetola lethathama la boleng la tlhahiso ya makoloi le ho thusa ka bonkakarolo ho ba ba neng ba tinngwe menyetla pele le ho kotelwa ho ya ka nalane, ho kenyeletswa basadi, batjha le ba phelang ka boqhwala..Ha a ne a bua moketeng wa ho nehelana ka makoloi, o neng o tshwaretswe polanteng ya tlhahiso ya Sehlopha sa BMW Rosslyn, Tshwane, haufinyana, Moporesidente Ramaphosa o itse makoloi ana a tla thusa ho pholosa bophelo. O ile a hlahisa teboho ya hae ho BMW ka ho ba khamphani ya pele ya ho nyehela ka makoloi, mme o ile a kgothaletsa tse ding ho etsa jwalo.“Pontsho ena e bonahalang ya boahi bo botle ba kgwebo e romela molaetsa o hlakileng le ho ba motle wa hore re lakatsa eka dikhamphani tse ding tse ngata di ka o lemoha le ho o latela.“Boteng ba BMW Afrika Borwa bo bontsha maqhama a ka nako e telele le a matla pakeng tsa Jeremane le Afrika Borwa,” ho ile ha rialo Moporesidente Ramaphosa.
Moralo wa karabelo ya tshohanyetso bakeng sa ho tobana le GBVMmuso esale o kenya tshebetsong moralo wa karabelo ya tshohanyetso bakeng sa ho tobana le GBVF.Moralo wa Lewa wa Naha wa GBVF, o tekang letoto la mekgwa ya ho lwantsha GBVF, le ona o se o hlahisitswe.“Moralo o tsepamisa maikutlo hodima ho matlafatsa maiteko a thibelo, le ho netefatsa polokeho le toka bakeng sa basadi le bana ba naha ya bo rona. Moralo o boetse o ama ntlha ya matlafatso moruong, e leng karolo e bohlokwa haholo eo rona, re le mmuso, re tla tsepamisa maikutlo hodima yona,” ho ile ha rialo Mopresidente Ramaphosa.Hlooho ya Sehlopha sa Tlhahiso le modulasetulo wa BMW South Africa, Ngaka Milan Nedeljkovic, o itse batho ba 4 000 ka hara Afrika Borwa ba hirilwe ka kotloloho ke Sehlopha sa BMW South Africa, ho kenyeletswa le balaodi ba bane ba lehae ho ba bahlano.Hodima sena, Nedeljkovic o itse batho ba fetang 40 000 ba hirilwe ka tsela eo e seng ya kotloloho ke ditheo tse ding tsa khamphani ka hara Afrika Borwa.“Setsha sa pele sa thupello sa semmuso sa BMW South Africa ka hara Aforika Borwa se butswe ka selemo sa 1978 mme esale ho tloha moo, ba fetang 2 000 ba fumane thupello ya BMW le ho thola mesebetsi khamphaning ya BMW.“Dilemong tse tharo tse fetileng, khamphani e butse akhademi ya thupello bakeng sa ho nyolella thupello ya setekginiki boemong bo botjha,” ho ile ha rialo Nedeljkovic. O itse filosofi ya khamphani e tekile hore thuto ke senotlolo sa katleho, mme “ho ithuta ha moshwelella ka Sehlopha sa BMW ke karolo ya katleho eo”.“Ka selemo sa 2025, re tla tshehetsa bana ba milione le batjha lefatsheng ka bophara ka mananeo a hlophisitsweng a thuto, a tla shebana le mananeo a maitsebelo.”

