Batjha ke bokamoso ba naha ya rona

vukuzenzele unnamed

Ho phura lepshetla le batjha ho dula ho ntshiya ke le mafolofolo. Ho a thabisa ho fumana maikutlo a bona ka mathata a teng ditshotlehong tsa bona, esita le tjhe belopeleng ya bona ka se ka etsuwang ho ntlafatsa naha ena.Ha ho potang hore boteng ba batjha ke ntho ya bohlokwa botebong le boitshwarong bo botle naheng ya rona. Ntle le mohopolo wa hore ba ipona ba kgotsofetse, e bile ba se na thahasello dipolotiking, boithuto ba kwano lapeng le ba matjhabeng bo ntse bo netefa tsa hore batjha lefatsheng lohle ba dula ba thahasella tseo ba di bonang di le molemo ho bona.Ho ya ka diphumano tsa boithuto tsa Ipsos Pulse of the People tse ntshitsweng ka Pherekgong, 61% ya ma Aforika Borwa a dipakeng tsa dilemo tse 15 ho isa ho tse 17 a ikutlwa a na le tshepo mabapi le 2020.Ha ke na qeaqeo ya hore ana ke maikutlo ao batjha ka kakaretso ba nang le ona, haholo holo sehlopha se tswetsweng mothinyeng wa selemokgolo, bao jwale ba qalang ho kena bophelong ba bona ba boholo, ke bona bana bao le ba bitsang ma2000.Ke bara le baradi ba tswe tsweng kamora demokrasi. Leha ba se na malebela a mahlo noko a puso ya kgethollo ka kotloloho, ba ntse ba tswelapele ho phela le masalla a yona a ho se lekane ha merabe, tlhokeho ya toka esita le bofuma. Batjha bana ba a itshepa ebile ba na le dithahasello. Ba tseba ditokelo tsa bona ebile ha ba tshabe ho di tseka. Batjha ba naha ya rona ba emetse mafolofolo, tshepo, monate, bokgoni, bokamoso le tokoloho.Ke matswallwa a disebedi swa tsa dijithale mme ba a the lla tshebedisong ya dithe knoloji tsa sejwalejwale, ebile ba habile ho kena mesebetsing e neng e le siyo ho hang dinakong tsa batswadi ba bona.Letsatsing le etellang la Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) pele, ke bile le monyetla wa ho buisana le sehlopha sa batjha ba mahlahahlaha motshetshe thong wa meloko e kopantswe ng o neng o epilwe ke Lekgo tla la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA).Re tshohlile ka dintho tse bohlokwa ka ho fetisisa batjheng ra ba ra hlahloba mekgwa eo ka yona re ka di amanyang le maikutlo a rona esita le diketso tsa rona.Ka tlwaelo, ho fumana mesebetsi le menyetla ke tsona dintho tse neng di kgurume ditse motshetshetho oo. Ba thong ba batjha ba 1.2 milione ba kenang letsholong la ho ba tla mesebetsi selemo le se lemo, e ka ba karolo ya pedi borarong ya ba dulang ba sa sebetse kapa ba sa ithute.Ba neng ba nka seabo mo tshetshethong oo ba amohetse nnete ya hore taba ya mese betsi ya batjha e nketswe hloo hong maemong a hodimodi mo mmusong. Empa mohoo oo o ne o tlwaelehile: ba ne ba le malalaalaotswe ba bile ba na le bokgoni ba ho kenya letsoho moruong ka mekgwa e fapaneng, ho akga le ho ba bahwebi, empa ditshita tsa bo tsamaisi le kgaello ya ditjhe lete di ba thibela ho etsa jwalo.Jwaloka ha Bright Hlongwa ne wa Batjha ba Kgwebong Aforika Borwa a ile a mpole lla, ho hlokeha hore ho be teng dithuso tse ngatanyana tsa ditjhelete tse lebiswang ho batjha ba bahwebi. Ba lakatsa ho kopana le ditheo tse fapafapaneng tsa ditjhelete, ditheo tsa ditjhelete tsa ntshetsopele, batsetedi ba adimanang ka tjhelete, batsetedi ba tsetelang dikhamphaneng tsa poraefete esita le dibanka tse kgolo tse fanang ka sekoloto di be di ikakgele lerapo molaleng ka batjha ba bahwebi.Hore naha ya rona e atlehe e be e tswelepele, re tlameha ho etsa makgobonthithi ohle ao re ka a kgonang ho netefatsa hore batjha ba kgona ho kenya letsoho ka mokgwa o bona halang moruong wa rona, le haeba e le mesebetsing eo ba hirilweng semmuso ho yona kapa moo ba itshebetsang.Kahoo, ho ne ho ntokela hore nka sebedisa lepatlelo lena ho kgakola Bokenadipakeng ba Moporesidente ba Mesebetsi ya Batjha, boo e leng tjhebelopele le morero wa lewa la naha le thathamisang diketso tsa ho rarolla leqeme la mesebetsi ya batjha.Sena se kenyeletsa mahokedi a botsamaisi ba metjha ya naha a nyalanyang baiketi le menyetla ya mesebetsi. Sena se tla thusa batjha ho fumana menyetla kaha ba bang ba bona ba se na mahokedi a ba nolofaletsang hore ba fumane menyetla ya mesebetsi.Dithuto tsa nako e  kgutshwane tse tsepameng makgabaneng ao bahiri ba a hlokang, jwale di tla hlophiswa. Sena se habile ho rarolla bothata ba ho se nya lane dipakeng tsa mananeo a seng a le teng a thuto, thupelo le ntshetsopele hammoho le ditlhoko tsa moruo.Re amohela mosebetsi o seng o etsuwa karolong ena, jwaloka lenaneo le tswelang pele hona jwale ka mafapha a Temo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshe tsopele ya Mahae esita le Puso ya kopanelo le Merero ya Setso, ho rupella baithuti ba batjha ba 1 000 Freistata ka boqhetseke ba temo le tse ding.Batjha ba bangata ba batla ho iqalla dikgwebo. Ba haellwa ke boqhetseke bo ka ba thusang ho iqalla tsona. Bokenadipake ng bona bo tla tshehetsa kgolo ya batjha ba bahwebi. Bohwebi ha se yona feela tharollo, empa nna ke kgodisehile hore ke mokgwa o le mong o sebetsang hantle o bile o ananetswe re o fana ka boitsebahatso le sepheo, botsitso ba seo motho a leng sona, le tshepo bakeng sa bokamoso ba batjha.  Lenaneo la Moporesidente la Tshebeletso ya Batjha le fana ka menyetla bakeng sa ba tjha hore ba busetse ho hong dibakeng tseo ba tswang ho tsona. Kgato ena e raletswe ho fetola ka bokgabane le ho etsa phapang e ntle, ho e na le mananeo a lobokaneng a nang le phetoho e notlehileng.Ke ile ka boela ka tsebisa ho SoNA hore re tla beella ka thoko 1% ya bajete ya naha bakeng sa kgato ya kgiro ya batjha. Mananeo a mangatanya na le diprojeke a raletswe ho rarolla phephetso ena ya naha.Batjha ba naha ya rona ba bona naha ena e le ya menyetla le tshepiso, ntle le ditshita tseo ba thulanang le tsona. Bekeng e fetileng feela ke teane le ba tjha ba bangatanyana ba Afori ka Borwa, ba nketsang hore ke be motlotlo ka bohole ba moo re tswang teng hammoho le seo re se fihlelletseng.Ho na le batho ba batjha dipapading ba kang kgalala ya kolofo Sim ‘Tiger’ Tshabalala, ya hapang dikgau tsa matjhaba tsa kolofo a le dilemo di robedi feela. O boemong ba bosupa lefa tsheng dithakeng tsa hae, mme o se a hapile thonamente ya kolofo ya US Kids habedi. Ke ile ka tsoha molota ha moithuti wa Mophato wa 11 Sinoyolo Qumba wa Orange Farm a ne a nngolla ka seo SoNA ya monongwaha e lokelang ho ba sona. Hantlentle o ile a ikamahanya le setlamo sa rona se ngolang puo ha se ntse e rala. Ho na le baitseki ba nang le tjheseho ba kang Ayakha Melithafa wa Eerste Rivier Kapa Bophirimela, ya neng a ile Foramong ya Moruo wa Lefatshe ya monongwaha e neng e le Davos, ho ya etsa kgoeletso baetapeleng ba lefatshe hore ba lomahanye meno bakeng sa toka ho tsa tlelaemete. Ke ile ka nyakalla haholo ha ke ne ke teana le Michelle Nkamankeng eo e bang ka dilemo tse 11 feela, ke mongodi ya monyenyane ka ho fetisisa Aforika mme o beilwe e le e mong wa bangodi ba banyenyane ka ho fetisisa ba leshome ba kahodimo lefatsheng. Enwa ke mongodi wa dibuka tse supileng ya ngotseng buka ya hae ya pele a le dilemo di 6. Jwaloka ha Moprofesara Jonathan Jansen a boletse: “O na le boitshepo, bokgeleke, kutlwisiso e tebileng le tjheseho.”Ke batjha bana bao e leng mahakwe a sebele a bokamoso ba naha ya rona, ba re hopotsang hore tokoloho ya rona e fumanwe ka boitelo ba bahlankana le barwetsana ba neng ba iki tlaelleditse hore e se be bona feela, empa le bao ba tlang kamorao, ba tshwanelang ho phela leseding la tokoloho.Re tlameha ho tswelapele ka ho sebetsa mmoho re le mmuso, dikgwebo, bosebetsi le mekgatlo ya setjhaba, ho netefatsa hore morwalo wa leqeme la mesebetsi ha o tswele pele ho tetebetsa batjha ba rona, ho tuba meya ya bona le ho ba nyahamisa. Ke a tshepa hore dikgato tseo re di talotseng ho SoNA di tla emela moedi o motjha wa ntshetsopele ya batjha.Jwaloka ha Frantz Fanon a boletse, ho molemong wa moloko ka mong ho utolla mosebetsi wa ona wa bohlokwa. Moloko ona o utollotse wa ona mose betsi. Jwale ho ho rona hore re ba tshehetse hore ba o phethe. Ke nnete e teng nalaneng hore setjhaba se hlolehang ho nose tsa le ho ntlafatsa makgabane a batjha ba sona, se kutla tsela ya timelo bakeng sa bokamoso ba naha eo. 