Ha ho kgantshwe ho be ho tingwe

Silusapho Nyanda

HO NA LE DINTHO tse ngatanyana tseo maAforika Borwa a ka di etsang ho boloka motlakase le ho qoba ho timatima ha phepelo ya motlakase. 
Mookamedi ya  Tshwereng Mole po wa Seteishene  sa Matimba sa Eskom Oba keng Mabotja o itse  kgaello  ya matla a lekaneng a motlakase Aforika Borwa e thefula maphelo a batho hobane diketsahalo tse tlwaele hileng tse jwalo ka ho pheha le ho qhoba dikgwebo ha di ka ke tsa etsahala nakong ya ho timatima ha phepelo ya motlakase.Seteishene sa Motlakase sa Matimba se mane Lephalale, Limpopo. Mabotja o hlalositse ka hore ho timatima ha phepelo ya motlakase ho etsahala ha Eskom e sa kgone ho hlahisa motlakase o lekaneng ho fihlella ditlhoko tsa naha tsa motlakase. Kahoo ho bohlokwa, o itsalo, hore maAforika Borwa ohle a etse tsohle tse matleng a bona ho sebedisa motlakase hanyane. Dikeletso tsa Eskom tsa ho sebedisa motlakase hanyane:
• Tima mabone ha o tswa ka phaposing• Sebedisa ditleloupo tse Bolokang Motlakase (LED)• Tima disebediswa tsa motlakase ha di sa sebediswe• Sebedisa metsi a batang feela, ntle le haeba ho hlokeha• Sebedisa kobo e bolokang mofuthu ho kwaela kisara ya hao.Dintho tse ngatanyana di ka sitisa tlhahiso ya motlakase, ho akga ditokiso tsa meralo ya motheo, ho kginwa ho sa rerwang esita le boemo ba lehodimo. Mabotja o itse seteishene sa hae, haholoholo, se angwa ke motjheso o hodimo. “Matsatsing a tjhesang ka ho fetisisa, seteishene ha se kgone ho hlahisa matla a motlakase ka bokgoni ba sona bo phethahetseng,” o itsalo.Seteishene sa Matla a Mo tlakase sa Matimba se sebedisa mashala ho hlahisa motlakase, mme se raletswe ho hlahisa matla a 3990 MW. “Matla a fepelwa ke setei shene se senyane sa phepelo ya motlakase. A tsamaiswa ka mehala ya voltheije e hodimo e fetang ka hara diteransefoma tse fokotsang matla a voltheije.  Motlakase jwale o fetisetswa setsing sa marangrang a naha.”  Mashala a seteishene sa matla a motlakase a tswa morafong wa Grootegeluk wa Exxaro. A tsamaiswa ka disiu le ho ya metjhineng ya tshilo le dintlafatso tsa Matimba, pele a iswa malwaleng moo a ilo silwa teng mme a fetolwa hore e be motlakase, ho itsalo Mabotja.
 




