Dintlha tse tebileng ka ADHD le ADD

Silusapho Nyanda

THUSO E A FUMANEHA  molemong wa bana ba nang le mahloko a kgaello ya tsotello le ya mafolofolo a feteletsengTHE BRAINS OF PRESCHOOL children grow at an incredible rate and help lay the foundations of language, thinking and social and emotional development.
Silusapho Nyanda
Haeba ngwana ya tshwerweng ke Bohloko ba Kga ello ya ho Tsotella le ya Mafolofolo a Fetele tseng (ADHD) le Bohloko ba Kgaello ya ho Tsote lla (ADD) ha a alafshwe, mahloko ana a ka nna a ba le ditlamorao tse mpe ka nako e telele bophelong ba hae bo botle. Sena ke ho ya ka Ngaka Khatija Jhazbhay, eo e leng hlooho ya Yuniti ya Twantsho ya Mahloko a Kelello ya Bana le Batjha mane Sepetleleng sa Townhill se Pietermaritzburg.O hlalositse ka hore ha bana bana ba se ba hodile, ba ka iphu-mana ba le kotsing e tomanyana ya mahloko a mang a kelello, a jwalo ka pherekano le tshithabelo ya maikutlo, mme ba ka boela ba sebedisa dithethefatsi hampe.  ADHD le ADD di ama  tswelopele ya ngwana di thutong mme le boitshwaro ba hae bo ka nna ba tshwenya batho ba bang. Bana ba ka qetella ba hloilwe, ba iphumane ba kene dikgathatsong mme ba dule ba ameha dikotsing. “Maemo a ngwana ka mong a qollehile mme a ntse a  tswelapele,  kahoo ho bohlokwa hore ho etswe dithlahlobo tsa bongaka ka botlalo ho hlwaya dintlha tse ding tse ka sitisang tswelopele ya bona, hammoho le makgabane a ka ntlafatswang ho ba thusa ho fihlella bokgoni ba bona bo feletseng,” ho rialo Ngaka Jhazbhay.
O hlalositse hore ADHD le ADD ke phokolo ya tswelopele ya kelello e  iponahatsang ka mathata a boitshwaro, a jwalo ka ho se tsotelle.Hona ho bonahala ka mo kgwa wa:
• ho etsa diphoso tse bohla swa• ho se phethele mesebetsi• ho lahla dintho• ho sitiseha ha bobebe le bolebadiMehlala ya mafolofolo a feteletseng kapa diketso tse sa laoleheng e akga:
• ho tshwaratshwara • ho opaka matsoho kapa ho qhomaqhoma• ho hloka botsitso setulong sa bona• ho phatloha ka dikarabo le ho raoha ha a tshwanetse hore a dule fatshe.“Matshwao a iponahatsa ka mekgwa e mmedi kapa e me ngata – lapeng, sekolong, le ho metswalle kapa ba leloko kapa nakong ya diketsahalo tse ding tse itseng – a ka sitisa ditshebetso tsa phedisano, mosebetsing kapa sekolong. Matshwao a mpefetseng a iponahatsa pele ho dilemo tse 12 mme a tlameha ho ba teng ka nako e ka bang dikgwedi tse tsheletseng.
 
