Ho aha naha e kgathallang bana

Vukuzenzele unnamed

Hona le maele a tlwaelehileng sethong sa Afrika a reng ngwana o hodiswa ke setjhaba. Mohopolo ona wa hore setjhaba ka bophara se ikarabella  ntshetsopeleng, paballe hong le tshireletsong ya ngwana e mong le e mong  – o a mphihlela ha ke nahana ka tlokotsi e utlwisang bohloko ya lefu la Enock Mpianzi ya dilemo tse 13, ya sa tswa hlokahalla ka mpong ya leeto la sekolo.
 Ka maswabi, Enock ha se yena feela ngwana ya ileng a hloka hala ka mabaka a ka thibelwang ka botlalo, ha feela batho ba baholo ba ka ba le tlhokomelo le boikarabelo ka tshwanelo. Ke boele ke nahane ka Keamohe tswe Shaun Seboko, ya dilemo tse 13, ya ileng a kgaqwa ke metsi haufinyane letamong la ho sesa la sekolo poraemare sa Magaliesburg, le bana ba babedi ba hlokahaletseng Sekolong sa Poraemare sa Lekgolo mane Limpopo ha lori e ne e thula le bota le ileng la ba wela hodimo. Ha motho a nahana ka bana ba bangata, ba jwalo ka Nathlia Pienaar, ya dilemo tse tsheletseng, ya ileng a bola uwa dintweng tsa ho thunyana ha maqulwana a dinokwane Cape Flats. Re boela re hopola ho shwa ka sehloho ha Michael Komape le Lumka Mkethwa, ba ileng ba hlokahala ka bobedi ba bona kamora ho wela ka hara mekoti ya matlwana. Maphelo a bana bohle, le maphelo a ba bang ba bangata, a ne a sa tlameha ho feela ho hang. Ditlokotsi tsena tsohle di ka be di thibetswe haeba mekgwa ya thibello e ne e sebedi sitswe ho tshireletsa bana bana ba kotsing.  Ke bona eka, jwalo ka se tjhaba, re hloleha ho hlokomela bana ba rona.  Ke bana ba bangata ba iphumanang ba le kotsing, hore na e ne e le ho etsa lewala nokeng kapa ba siilwe ba le bang ka mokhukhung le lebone la para fini. Kapa ka mohlomong bo radikonteraka ba siya mekoti e epilweng e sa tshireletseha kapa meaho ya sekolo e sa hloko melwa, kapa dipalangwang tsa sekolo tseo ho tsona ho pete tswang bana, maphelo a bana a ba kotsing.  Empa ho na le bohlaswa le ho se tsotelle mosebetsing. Bana ba bangata e ba mahlatsipa a dilalome tsa tlhekefetso ya motabo, ditlolo tsa molao tsa maqulwana a dinokwane le barekisi ba dithethefatsi hobane ba ka ba kotsing ha bonolo. Jwalo ka setjhaba, re tshwanela ho ba sedi re be re ipabole ntlheng ya ho tshireletsa bana ba rona dikotsing tsena esita le tse ding.
Jwalo ka setjhaba, re tshwanela ho thea tlwaelo ya ho ba le boikarabelo. Re tshwanela ho ba le bo ikarabelo, molemong wa bana ba rona le ba bang. Jwaloka ha re tshwanela ho netefatsa hore bana ba kgona ho holela tikolohong e bolokehileng, ba baletswe mme re hahamalle boemong ba hore re tle re kgone ho ikutlwa re na le boikarabelo ba ho tshireletsa le ho kgathalla bohle bao re ba tsebang, esita le ho buisana le bona.  Re tlameha ho ikutlwa re na le boikarabelo le tsotello mebileng. Leha re amohela phokotseho ya dikotsi mebileng nakong ya sehla sa matsatsi a phomolo a phethelang selemo, se nyarosang ke hore ke batho ba fetang 1,600 ba ileng ba hlo kahalla mebileng ya rona na kong ya kgwedi le halofo feela. Se tshosang ke hore bakga nni ba fetang 9,000 ba ile ba kwalelwa ditlolo tsa molao tse kenyeletsang ho kganna tlasa ba tahilwe, lebelo le hodimo, ho kganna ha bohlaswa le ho se tsotelle. Tlwaelo ya ho nka boikarabelo e bolela hore re tlameha ho dula re kganna hantle re bile re hlompha ditokelo tsa ditaaso le basebedisi ba bang ba mebila.Tlwaelo ya ho ba le boikarabelo e bolela hore bontate ba hloka ho ba teng maphelong a bana ba bona. Ke basadi ba bangata ba tlamehang ho hodisa bana ba le bang, e leng ntho e fokotsang makgabane a bona le a bana ba bona.  Tlwaelo ya ho ba le boikarabelo e boela hore re tlameha ho ba le thobalano e bolokehileng hore re se ke ra iphumana re le kotsing ya ho tshwaetswa ke HIV kapa ho tshwaetsa ba bang ka yona. Ha re a tlameha ho sebedisa jwala le dithethefatsi hampe. Re tlameha ho pheella ho phela maphelo a matle hore re tle re pheme mahloko ao e leng hore a ka thibelwa ka hohlehohle, re be re phele maphelo a malelele.  Tlwaelo e jwalo ka ena e tlameha ho ananelwa, haholoholo ke bohle ba nang le tshusumetso esita le ba apesitsweng matla a bolaodi setjhabeng, hore na ke baetapele ba sedumedi kapa ba dipolotiki, ba setso kapa dikgalala tse tummeng. Ka mantswe le diketso tsa bona, ba tlameha ho batla ho aha setjhaba se betere, seo bohle ba ka se ananelang ba be ba se kgathalle. Baetapele ba kgethilweng hammoho le basebetsi ba mmuso, ba tshepetswe boikarabelo ba ho netefatsa hore ho ba le tshireletso le paballo ya baahi. Ba tlameha ho netefatsa hore ho na le meaho ya sekolo e lekaneng mme e bolokehileng. Ba tlameha ho potlakela ho tlaleha haeba ho na le tshitiso phepelong ya metsi dibakeng tsa rona, kapa ha mabone a mebileng a sa sebetse hantle. Ba tlameha ho netefatsa hore melao ya bophelo bo botle le ya tshireletso, e a hlokomelwa. Hodima mosebetsi o ntseng o tswelapele mmusong ka bophara, mekgahlelong yohle, ho phethahatsa boikarabelo bona, re ile ra tlameha hore ka dinako tse ding re nke dikgato tse sa tlwaelehang. Ho arabela mafung le dikotsing tsa bana tse bakilweng ke ho wela ha bana ka mekoting ya matlwana, re ile ra thakgola lenaneo la  SAFE ho potlakisa phano ya matlwana a tshwanetseng dikolong tsohle naheng. Re ile ra romela Sesole sa Naha sa  Aforika Borwa dibakeng tsa Motse Kapa e le ho tshehetsa sepolesa matsapeng a sona a ho fokotsa merusu ya maqulwana a  dinokwane. Haufinyane tjena, re ile, mmoho le ditho tsa setjhaba, ra kena leanong la karabelo ya tshohanyetso ya ho fedisa dikgoka kgahlano le basadi le bana. Empa, ho ntse ho ena le tse ngata tse tshwanelang ho  etswa, ke mmuso le setjhaba.  Re thoholetsa batho le mekgatlo eo e itlammeng ka ho nka boikarabelo molemong wa paballo ya ba bang. Ho na le batho ba kang Ralph Bouwers le Mark Nicholson, ba hlophisang diketsahalo tsa boithapollo molemong wa batjha mane Lavender Hill e Motse Kapa, ho etsetsa hore ba se ke ba kena boqulwaneng ba dinokwane. Ho na le bomme, dikgaitsedi le baradi ba sebetsang e le baithuti ba baithaopi ba Operation Bobbi Bear, mokgatlo o Amanzimtoti mane KwaZulu-Natal o fang batjha ba bao e leng mahlatsipa a tlhekefetso lehae.  Dihlopha tsa tumelo tse kang Seboka sa Babishopo ba Katolike sa Aforika Borwa, seo ke ileng ka kopana le sona haufinyane,se ile sa mphetela ka mosebetsi oo se o etsang ho arabela ditlhokong tsa bafutsana, ho tshehetsa ma lapa hore a be le tlhokomelo, a hodise a be a thuse batjha hore ba tobane le diphepetso tseo ba kopanang le tsona.
 MaAforika Borwa ana a re bontsha tsela. Ka mehlala ya bona, ba re hopotsa hore na ho bolelang ho nka boikarabelo esita le ho ikarabella ho ba bang. Naha ena e bile le ditlokotsi tse ngata haholo. Batjha ba bangata ba ile ba lahlehelwa ke maphelo a bona, le bana ba bangata ba ile ba hlokofala ba ba ba tshoha haholo.  Re ka fedisa ditlokotsi tsena haeba, kaofela ha rona re nka boikarabelo ba ho hodisetsa bana ba rona motseng o moholo wa Aforika Borwa.
