Kemaro ya Ectopic  ke bokudi ba tshohanyetso

Allison Cooper

Basadi ba kileng ba emara kemaro ya ectopic  ba tseba hantle ka mahlonoko ao e a bakang, ka lebaka la sephetho se sa bontsheng ho na le bothata sa pontsho ya kemaro morotong le ditekong tsa madi.
Ditaba tsena di jwaana ho ya ka Ngaka Bushy Mhlari, eo e leng Senior Registrar Ectopic Obstetrics and Gynaecology Sepetlele sa Dithuto tsa Bongaka sa Dr George Mukhari, ya hlalositseng hore kemaro ya ectopic  ha e etsahale kahare popelong, moo kemaro e tlwaelehileng e etsahalang teng.
O itse ka tlwaelo, kamorao ho ho jalwa ha peo ya boto-na leheng la bosadi – e leng ntho e etsahalang kahare ho lehlakana la fallopian , lehe leo le amohetseng peo le phusalla kahara lehlakana lena le be le ilo re tjhobe ka popelong, moo le imamare-lang lebopong le bitswang endometrial ebe ngwana o a bopeha.“Dikemarong tsa ectopic , lehe le amohetseng peo le itjala karolong enngwe ya mmele. Diketsahalong tse etsang 98%, sebaka seo ke-maro ya ectopic  e etsahalang teng ke ka mahlakaneng a fallopian . Dibaka tse sa tlwaelehang di akga ouvari, mading a mpa, molomo wa popelo le mosifa o sephara,” ho itsalo Ngaka Mhlari.Ha sena se etsahala, ha ho se ka etswang ho kgutlisetsa ngwana moo a lokelang ho holela teng mme ho ntsha mpa ke yona feela ntho eo mosadi a ka e etsang. Ngaka Mhlari o itse mosadi o tlokotsing e kgolo ya ke-maro ya ectopic  haeba a; 
• na le mahlakana a fallopian  a senyehileng kapa a bopehileng hampe, ka leba ka la ditshwaetseho tse fetileng tsa mahlakana, tse bakilweng ke ditshwaetso tsa motabo kapa ho sehwa ha mahlakana; • kile a ba le kemaro ya ectopic  nakong e fetileng; • sa kgone ho ba le bana; • kena thobalanong le batho ba bangata; • tsuba disikarethe.Kemaro ya ectopic  e senye-hileng, ke ntho e beang bo-phelo tlokotsing ebile ke yona e kahodimodimo e bakang ho shwa ha basadi ho amanang le kemaro di-kgweding tse tharo tsa pele tsa kemaro. Ha e le hantle-ntle, ketsahalo ya kemaro ya ectopic  e etsa 2% feela setjhabeng ka kakaretso,” o itsalo Ngaka Mhlari.
Matshwao a kemaro ya ectopicHo ya ka Ngaka Mhlari, matshwao ana a iponaha-tsa maqalong a kemaro. Ka nako tse ding, le pele mosadi a ikelellwa hore o emere.
Matshwao a tlwaelehileng a akga:
• letheka le bohloko, • ho tlolwa ke kgwedi, le• ho tswa madi sethong sa botshehadi.“Leha ho le jwalo, basadi ba bang ha ba be le matshwao  ho hang ho fihlela ho taboha lehlakana la fallopian . Ha sena se etsahala, mosadi a ka nna a opelwa haholo mme ba bang ba ka nna ba tswa madi sethong sa botshehadi. Sena se latelwa ke modikadikwane, ho theoha ha kgatello ya madi, ho ya le maidiidi, ho harolwa ke letswalo esita le ho shwa haeba kalafo e sa potlakelwe,” o itsalo.Ho fumana boteng ba ke-maro ya ectopic , diteko tsa madi kapa tsa moroto di a etsuwa ho netefatsa hore ehlile mosadi eo o fela a emere. “Kamorao ho moo ho etsuwa tekodisiso ya kahare e bitswang ultrasound  e le ho netefatsa hore popelo ha e na letho, esita le ho bona hore na popeho ya ngwana e etsahetse kae mmeleng wa mosadi,” o itsalo Ngaka Mhlari.
Kalafo ya kemaro ya ectopic“Hang ha ho se ho fumanwe hore kemaro ya ectopic  e teng, e tlameha ho alafshwa e le ho kgina kgolo ya yona, hobane bophelo ba mosadi bo kotsing haeba kalafo e diehiswa,” ho itsalo Ngaka Mhlari.“Ho sewa ke yona ntho e kgethwang pele kalafong ya kemaro ya ectopic , leha ho le jwalo, ho fumanwa ha boteng ba yona ho sa kga-nya ho thusa hore ho latelwe mothati wa kalafo ya meri-ana pele kemaro ya ectopic  e taboha,” o ekeditse jwalo.Ngaka Mhlari o itse mo-sadi a ka nna a kgona ho boela a emola kemaro ya ectopic.
Basadi ba nang le pelaelo ya hore ba emere kemaro ya ectopic  ba tlameha ho ya ngakeng, sepetlele se haufi kapa tleliniking ka potlako.
