Phediso ya lenyalo ka molao 

Dale Hes

Ha o se o ile wa leka tsohle ho etsa hore lenyalo la hao letswele pele, tlhalano e ka ba kgetho e lokileng ka ho fetisisa bakeng sa hao le sa molekane wa hao. Tlhalano ke ntho e thata e bileng e imelang malapa ebile tshebetso ya molao e ka le ferekanya haholo.Tlhalano keha lenyalo le kgaolwa ka molao lekgotleng la molao. Ho na le mefuta e mmedi ya tlhalano: e sa tse-kweng – moo batho ba babedi ba dumellanang hore tlhalano e lokela ho ba teng; le e tse-kwang – moo batho ba babedi ba sa dumellaneng ka tlhalano kapa dipehelo tsa yona.
Josephine Peta, Mohlanka e Moholo wa Tsamaiso ya Molao ho Lefapha la Toka le Ofisi ya Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ya Ofisi ya Mmuelli wa Lelapa, o hlalosa hore tshebetso ya tlhalano e qala ha disamane di lokollwa.
“Motho ya ratang hore lenya lo la hae le qhalwe a ka fumana disamane tsa tlhalano lekgotleng le leholo kapa la lebatowa la lekgotla la molao, kapa ba ka ikopanya le leqwetha ho thusa ka tshebetso ena. E mong wa banyalani ya qalang ka tshe-betso ena ya tlhalano o bitswa moqosi mme molekane wa hae o bitswa moqosuwa,” ho rialo Peta.Peta o hlalositse hore di tokomane tsa disamane tsa tlhalano di lokela ho:
• bolela hore ha ho na monyetla o utlwahalang wa ho boloka dikamano,• hlokomela bakeng  sa ho arola maruo a kopanetsweng kapa ho qobella hore dipehelo tseo ho dumellanweng ka tsona ha ba qala ho kena lenyalong qalong di phethelwe, le • hlalosa hore ke  ditlhophiso dife tse tla etswa bakeng sa bana ba bona, jwaloka hore ke mang ya tla phela le bana.
Peta o ile a eketsa ka hore: “Disamane di lokela ho hlalosa hore moqosuwa o na le matsatsi a 10 – sebakeng seo a phelang tikolohong e le nngwe le moqosi, kapa matsatsi a 20 – haeba bao ba babedi ba phela diprovenseng tse fapaneng, ho arabela disamane.
Ha nyewe e se e hlahletswe, ditokomane di kgutlisetswa hape ho moqosi, eo yena a lokelang ho romela disete tse pedi tsa ditokomane tsena ho moromuwa wa lekgotla la dinyewe sebakeng seo moqosuwa a sebetsang ho sona kapa a phelang ho sona.
Peta o ile a hlalosa hore: “Mo romuwa wa lekgotla la dinyewe jwale o tla isa ditokomane tsena ka boyena ho moqosuwa mme a hlahise bopaki ba tshebetso ho paka hore ditokomane di rometswe. Moo bana ba amehang, Ofisi ya Leqwetha la Lelapa e lokela ho tsebiswa.
Kamora nako ya matsatsi a 10 kapa a 20, moqosi a ka hlahlela tlhalano lenaneng la lekgotla la dinyewe. Ho ditlhalano tse tsekwang, moqosuwa o lokela ho arabela disamane ka tsebiso ya ho tseka qoso ena.
“Hang ha seo se entswe, e mong o lokela ho etsa kopo ka nako e badilweng. Kopo ke polelo eo moqosuwa aarabelang ka yona mabarebare a disamane. Hang ha kopo e se e entswe, moqosi a ka arabela kopong ena kapa a hlahisa tsebiso ya tseko.
Peta o ile a qetella ka hore: “Taba ena jwale e tla kenywa lenaneng bakeng sa nyewe. vTlhalano e otlolohileng ke eng?Lekgotla la dinyewe le tla dumella tlhalano e otlolohileng haeba disamane tsa kgotla di filwe e mong wa banyalani mme yena a sa arabe ka nako eo a e baletsweng. Leha ho le jwalo, ho molemo ho ikopanya le molekane wa hao pele hobane kgabareng ba ka leka ho qhelela tlhalano thoko ka lebaka la hore ho ne ho na le lebaka le utlwahalang la ho hloleha ho tshepahalla nako e badilweng.
Lesedinyana la Vuk’uzenzele le tla laola lethathama la diatikele tse amanang le tlhalano. Tadima tsena kgatisong e latelang.
